HOME  SITEMAP CONTACTS RELATED WEBSITES   SEARCH
 
ABOUT NAC HIV/AIDS-LESOTHO STATISTICS STAKEHOLDERS DONORS PARTNERS PROJECTS GRANTS DOCUMENTS
   
  Chat rooms are a world of topics where to meet and communicate with friends with whom you share common interests - sports, challenges, education, etc.
  Know how other people are being able to deal with challenging moments of a lifetime. Discuss on all your favorite topics.
  LOGON ON HERE
New Users: Register here
   
  HIV and AIDS Red Ribbon Media Award for excellence in Journalism 2010
 Frequently Asked Questions
 
 PUO KA MOOKAMELI E MOHOLO OA LEKHOTLA LA KHOKAHANYO EA LITABA TSA HIV LE AIDS PHANONG EA LIKOBO HO SETSI SA MOHLOLI OA BOPHELO E TŠOARETSOENG SETSING SA MOHLOLI OA BOPHELO, HA TŠOSANE KA LA 28 MPHALANE, 2008


PUO KA MOOKAMELI E MOHOLO OA LEKHOTLA LA KHOKAHANYO EA LITABA TSA HIV LE AIDS PHANONG EA LIKOBO HO SETSI SA MOHLOLI OA BOPHELO E TŠOARETSOENG SETSING SA MOHLOLI OA BOPHELO, HA TŠOSANE KA LA 28 MPHALANE, 2008

MOTLOTLEHI HLOOHO EA NAHA LETSIE LA BORARO,
MOHLOMPHEHI TONA-KHOLO EA ‘MUSO OA MOTLOTLEHI,
MOLULA-SETULO OA MOKHATLO OA LESOTHO OA BATHO BA NANG LE BOKOOA BA PONO;
MOOKAMELI OA SETSI SA MOHLOLI OA BOPHELO LE BASEBETSI BOHLE BA SONA;
BARUTOANA BA PHELANG SETSING SENA SA MOHLOLI OA BOPHELO;
BAPHATLALATSI BA LITABA BA TENG KOANO;
BO ‘M’E LE BO NTATE;
Ke motlotlo haholo hore ebe kajeno lena ke mona sebakeng sena sa Mohloli oa Bophelo ho tla thaba ‘moho le lona haele mona setsi sena se tla amohela mpho eo re e tlisitseng re le lekhotla la naha la khokahanyo ea litaba tsa HIV le AIDS (National AIDS Commission) ka har’a naha. Ke tlotla ho rona re le lekhotla lena ha re ntse re tseba ho thusa mekhatlo e teng ka hare ho naha ena ea Lesotho.

Har’a mesebetsi eo lekhotla la naha la khokahanyo ea litaba tsa HIV le AIDS le jereng boikarabello ba eona, ke ho bona hore le fana ka tšehetso ho mekhatlo e ikemetseng e le ho ntšetsa pele maano a ‘Muso toantšong ea lefu la HIV le AIDS le sa siee morao toantšo ea bofuma.

Ke ka hona ho sa kang hoa eba le lesisitheho ho rona ha re fumana kopo ho tsoa ho Mohloli oa Bophelo hore re e seka-seke hore ebe ke kae moo ho ka qotsoang hore kopo eo e arabeloe. Ke bontše bo ‘M’e le bo Ntate hore NAC e ile ea fumana kopo ea ho abela setsi sena likobo tse ka bang makholo a mahlano (500).


Motsamaisi oa litšebeletso,
Ke ile ka khahloa haholo ke kopo ea Mohloli oa Bophelo; e neng e sa batle chelete, empa e kopa seo e leng tlhoko ea setsi sena. Hangata batho kapa mekhatlo ha e batla thuso, e batla mokotla ka kotloloho. Ke lekanya hore ha motho a na le taolo ea chelete joale o ikutloa e le hona a filoeng matla a ho sebetsa. Athe bothata ba chelete ke hore motho o lokela ho fana ka tlaleho ea hore chelete e fanoeng e sebelitse joang le hore na e ne e ipapisitse le seo kopo e se tekileng; e leng ntho eo ba bang ba balekane ba rona tšebetsong ho leng bothata ho e etsa.

Ke na le tšepo e tiileng hore thepa ena e tla hlokomeloa e le hore ba bang bao e leng hona ba ntseng ba tla fihla mona ba ‘ne ba fumane seo ba robalang ka sona. Kaholimo ho tsohle, har’a lithuto tse etsoang mona, tseo ke tsebileng hore li akha moloho ka matsoho le mochini ‘moho le Braille, ke tšepa hore thuto ea HIV le AIDS ha e ea salla morao. Ho bohlokoa haholo hore karolo tsohle tsa sechaba li rue tsebo ka lefu lena le behileng Basotho tlokotsing, ‘me batho ba nang le bokooa ba pono ha ba lokele ho salla morao.

Hangata re bua ka pheliso ea sekhobo le khethollo ho batho ba phelang le tšoaetso ea HIV le AIDS. Re lokela le ho loanela hore sekhobo le khethollo li fele le ho batho ba nang le bokooa, ‘me litokelo tsa bona li hlompshoe ka ho tšoana le tsa batho ba bang haholo malebana le HIV le AIDS. Ke lumela hore joalo ka bohle, le bona ba ntse ba angoa ke lefu lena ka mekhoa eohle eo le amang batho ka eona. Ka hona ke ipiletsa hore le se salle morao. Ithukhubetseng le lona ho etsa mesebetsi e menyane e kenyang chelete e le hore le pheme bofuma bona bo jeleng setsi.

Motsamaisi oa litšebeletso tsa kajeno,
Ha ke le mothating ona ke lakatsa ho re ke motlotlo haholo ho abela setsi sena sa Mohloli oa Bophelo likobo tsena. Mosotho o ee a re:”Sejo senyane ha se fete molomo”.

Kea leboha.

Khotso! Pula! Nala!
 

© National AIDS Commission 

Contact webmaster

Designed by Computer Business Solutions